Basotho ba t’soaneloa ke lits’ebeletso tsa Bophelo tsa boleng.

Letona la Bophelo monghali Selibe Mochoboroane o re Mosotho e mong le e mong o ts’oanela ho ba le monyetla oa ho fumana lits’ebeletso tsa Bophelo e bile e le tsa boleng.

Monghali Mochorobane o buile sena kamora ho etela sitsi sa Bophelo sa Qoaling Filter Clinic le sitsi se atametsang litlhare tsa  Bophelo bohle sa BonoloMeds Maseru Mall maobane.

Monghali Mochoboroane a re lekala la Bophelo le ts’eroe lenaneo le thusang hore lits’ebeletso tsa bophelo li fihle hohle kahara naha, ekasitana le ho thibela ts’ubehlellano ea mela e melele nakong eo sechaba se latang litlhare litsing tsa Bophelo.

Mochoboroane a boetse a re lenane lena le thusa ho laola lefu la HIV le AIDS le a mang a nkang monyetla.

 A boela are Basotho ba phelang Africa Boroa ba tla fumana litlhare le hoja ba le ka ntle ho naha, a tsoela pele hore lekala la Bophelo le labalabela hore lenaneo la BonoloMeds le anele litereke tsohle tse leshome.

A phethela ka ho leboha balekane ‘moho le lekala la Bophelo ba ts’ehelitseng lenaneo lena, e leng right to care, Pepfar, Usaid le Riders.

04 oct 24