Dr. ltumeleng Shale o nka kano ea hoba Moahloli Lekhotleng le phahameng.
Sena se etsahetse Ntlong ea borena bo boholo Maseru kajeno.
Mosebetsing ona, ho bile teng Motlotlehi Letsie III, TK Ntsokoane Matekane, motlatsi oa TK Justice Nthomeng Majara, baahloli ba baholo Lekhotleng le phahameng, Matona le litho tsa ‘muso.
Dr. Shale O nkisitsoe kano ke Moahloli e moholo Lekhotleng le phahameng Chief Justice Sakoane Sakoane, ‘me mosebetsi ona o ne o etelletsoe pele ke Lekhotla la Likereke Lesotho-CCL.
Puong ea hae ha amohela thomo ena, o ikanne ho aba toka ntle le ts’abo le leeme, a bile a ipapisitse le Molaotheo le Melao ea Lesotho.
Dr. Shale o hlomamisoa tjena, kamora hore komisi ea lits’ebeletso tsa makhotla e nts’e phatlalatso ea likheo tsa Baahloli ba bararo ka lekhotleng le phahameng, ‘me o ne a sebetsa ele morupelli e moholo lefapheng la molao ka sekolong se seholo sa sechaba. DR. Shale o tla sebetsa ‘moho le Moahloli e moholoChief Justice Sakoane Sakoane, Baahloli; Molefi Makara, Maseforo Mahase, Keketso Moahloli, Polo Banyane le Moroke Mokhesi.
10 OCT 24