Komiti e alositseng lichelete tsa sechaba paramenteng e re, ha e utloisise naa, ke ka mabaka afe ao ka ona, koporasi ea ntlafatso ea moruo, e alimmeng kh’amphani ea Lukis Manufacturing, chelete empa e sa fihlele lipehelo tsa kalimo.
PAC e re, ho latela tlaleho ea mohlahlobi e moholo oa libuka, feme ena e sitiloe ho lefa sekoloto sa limilione tse peli tsa Maloti empa, e boetse ea alingoa chelete hape.
Ramolao oa Koporasi Florence Motoa o re, o e ile a fana ka boeletsi ba hore ho lateloe methati e nepahetseng ea molao le tsamaiso ea phano ea likalimo, ke moo ho ileng hoa hlaha qeto ea lekhotla la matona e reng, ho behelloe ka thoko leano leo la tsamaiso la likalimo, hore k’hamphani e tle e fuoe likalimo.
LNDC, e bile ea re, e tlolisitsoe molao ke letona la khoebo Mokhethi Shelile ka hore, ka ho etsa kopo e reng a ka thabisoa ke ha tse ling tsa likh’amphani tsena li ka alingoa chelete, e ka holimo ho limilione tse leshome.
Qeto e fihletsoeng ke komiti e bile hore, e tla boela e tlo lekola litaba tsena, kaha kajeno ho hlahelletse hore, letona le ingolletse tokomane e eang lekhotleng la matona, ho kopela hore kh’amphani e fuoe chelete eo bohlanka ba lekala le LNDC bo reng, ha bo tsebe e ngotsoe ke mang.
19th nov 24