Sepolesa sa Berea se khothaletsa basebelisi ba tsela ho beha polokeho ea bapalami pele le ho lula ba falimehile ha ba ntse ba nka maeto nakong ea lipula.
Sena se tla kamora let’solo la tlhokomeliso mabapi le phetoho ea boemo ba leholimo, le neng le ts’oaretsoe baahi ba Pulane, Ha Mosiuoa ke sehlopha sa taolo ea likoluoa.
Let’solo lena la ho etsa tlhokomeliso ka phetoho ea boemo ba leholimo, le tla kamora temoso e entsoeng ke lefapha la bolepi ea hore, likhoeli tsa pulungoana monongoaha ho isa ho Pherekhong isao, e tla ba tsa lipula tse sa tloaelehang.
Ha a bua ho tsoa lefapheng la t’sireletso ea bana le bong, lepolesa Masekoele Mosenye o elelitse baqhobi ho ba seli nakong eo ba t’selang linoka tse tletseng, ka baeti.
A re ho molemo ho qoba sena, aba a khothaletsa Sechaba se t’selang linoka hangata, ho emela hore metsi a fokotsehe pele motho a nka qeto ea ho t’sela feela kaha seo, se ka ama Bophelo le thepa hampe.
A boela a ipiletsa ho balisans ho qoba ho fulisetsa haufi le linoka nakong ea lipula, ele hore batle ba bolokehe ‘moho le liphoofolo tsa bona.
E mong oa baahi ba Pulane monghali Sebakhele Mahlephe eena o itse, let’solo lena la tlhokomeliso mabapi le phetoho ea boemo ba leholimo, le mo file leseli le batsi ka litaba tsena.
A re lihoai ke tsona tse angoeng haholo ke phetoho ea boemo ba leholimo, le hore, ba tla sebelisa thuto eo ba e fumaneng ho nka liqeto tse tlang ho baballa tikoloho ‘moho le liphoofolo tsa bona.
23 Nov 24