Letona ofising ea TK Mong. Limpho Tau le Leboha balekane ba ts’ehelitseng ‘muso, Morerong oa Lekhotla la taolo ea Likoluoa oa karabelo ea qomatsi ea tlala kahare ho naha
Mong. Tau o re kamora ho phethela boithuto ho pharalla le naha ka Phuptjane, liphuputso tsa bona li ile tsa utolla hore lipakeng tsa Mphalane monongoaha le Thlakubele isao, tlala e tla be e mpefetse malapeng a kabang Likete tse Lekholo, le mashome a mane
Letona le boetse la thoholetsa balekane ba ‘muso ba utloileng boipiletso ba TK, ka ho ts’ehetsa morero oa Lithuso oa DMA, oo ka ona malapa a tlokotsing, a ntseng a abeloa lijo literekeng tse fapaneng
Balekane bana ke World Vision, Letlole la machaba la lithudo, Mokhatlo oa Lithuso baneng_UNICEF, Mokhatlo oa Sefapano se sefubelu, Lenaneo la Lefats’e la Lijo, le Catholic Relief Services
16 NOV, 24
Elizabeth Glazer Pediatric AIDS Foundation_EGPAF e re, e tlilo ts’ehetsa Lekala la Bophelo ho matlafatseng lits’ebeletso tsa manthla tsa Bophelo, le toants’ong ea HIV/AIDS
Sena se hlahelletse ho thakholoeng ha Merero e meraro ea Bokamoso, Bophelo Bo Botle le oa SECURE, tlasa selekane sa Mokhatlo oa Amerika oa Lithuso_USAID, le ‘muso oa Lesotho ka labone
Ba nang le seabo hotsa Bophelo ba ne ba teka meralo ea bona ka merero ena, moo teng mookameli oa EGPAF Mof. Ts’epang Mohlomi a itseng, tlasa Lenaneo la Bophelo Bo Botle le reretsoeng ho ntlafatsa lits’ebeletso tsa manthla tsa Bophelo, ba tlilo ts’ehetsa Lekala la Bophelo ho ntlafatsa karabelo ea mafu a seoa, ba be ba ts’ehetse ts’ebetso ea Komisi ea naha ea AIDS ts’ebetsong ea eona ea karabelo HIV/AIDS
A re ba tla boela ba netefatsa boteng ba Baetsi ba Maano a tsa Bophelo, le ho ntlafatsa likamano tsa bona le Lihlopha tsa Bophelo tsa Litereke, ts’ebetsong ea tsona e kenelletseng
Ka ho le leng, Lebitsong la Mokhatlo oa Mother’s to Mothers Mpolokeng Mohloai o itse, ka Morero oa Bokamoso, Mokhatlo oa habo otla netefatsa mekhoa ea ho thibela lits’oaetso tse ncha tsa HIV baneng le bacheng, ‘moho le ho matlafatsa kalafo le thlokomelo ea ba seng ba phela le lefu lena
A re ka Morero ona, o tla kena ts’ebetsong Literekeng tse Leshome, basupisi ba tsa Bophelo ba tla hlomelloa ka litsebo tsa ho sebelisana le basebeletsi ba Bophelo metseng; ho ntlafatsa lits’ebeletso tsa Bophelo
Ts’ebetso ea Merero ena e meraro ea lilemo tse hlano, e ts’ehelitsoe ke USAID ka LiMillione tse 128 tsa LiDollara tsa Amerika, ‘me pehelo ea manthla ke toants’o ea TB le HIV
16 NOV, 24
Mokhatlo oa AB oa Basebetsi ba Merafong_NUM, o qosa ‘muso oa naha eo ka ho hloleha ho felisa ka botlalo, ho rafa ka thoko ho molao, sena ele karabelo ea batho ba qabelletsoeng ka mpeng ea lefats’e Stilfontein NW merafong eseng molao
Makholo-kholo a lizama-zama joalo kaha ba tloaetse ho bitsoa ka teng, a tlalehoa a hana ho tsoa ka tlaasa lefats’e merafong ea Gauta ea Buffelsfotein, hosa natsoe litlaleho tsa ba timetseng ka lebaka la thlokahalo ea metsi le lijo
‘Muelli oa NUM Livhuwani Mammburu o qositse ‘muso oa AB ka ho ba le seabo merafong e seng molaong, ke kahoo o sa netefatseng hore e ea felisoa. A re ke hona ba boholong ba etsang lerata empa ese ele lilemo joale ho rafshoa ka thoko ho Molao AB
Mammburu a ipiletsa ho litsi tsa ts’ireletso ho sebetsana le maemo a ka Stilfontein le libakeng tse ling, moo ho rafshoang ka thoko ho molao
Hosa le joalo, pejana bekeng e felileng, Letona la Lipapali Gayton McKenzie le ile la ts’ehetsa thlahiso ea Letona ofising ea Mopresidente Khumbuzo Ntshavheni hore bao ba kubeletsoe hore ba tsebe ho tsoa
Lizama-zama tsena; li akha melata e naheng eo ka thoko ho molao, e ts’abang ho ts’oaroa kapa ho khutlisetsoa linaheng tsa bona, ebang ba hlahella ka holimo ho lefats’e
16 NOV, 24
Pelaelo ke hore Cholera ke eona sesosa sa mafu a makholo-kholo toropong ea Al-Hilaliya Sudan, kamora hore baahi ba ‘maloa ba hlahe ba ena le lefu lena
Litlaleho li supa ha batho ba fetang makholo a mararo ba timetse tikolohong ena, leha ba re palo ena e ka nna ea phahama. Nakong eo lebotho la RSF le neng le hlasela toropo ena ho iphethetsa khahlanong le molaoli oa lona ea ileng a inehela ho sesole, likete tsa baahi li ile tsa baleha mahaeng a tsona