Founda Contribution Engineering e aha boemelo ba makoloi Quthing!

Company ea Founda Contribution Engineering e tla thakhola khaho ea boemelo ba likoloi tsa baeti Lower Moyeni Quthing, nako ea likhoeli tse 12 ho qala haufinyane.

Khaho ena ea boemelo ba likoloi e lebeletsoe ho qala haufinyane kaha ebile baitsukuli le bo ramakoloi a baeti, ba se ba ntse ba tloha sebakeng seo ho lokisetsa t’sebetso.

Molula Setulo oa lekhotla la toropo ea Quthing monghali Lesia Fokotsane o re, ‘muso o fane ka mosebetsi ho company ea Founda Contribution engineering, ho aha boemelo ba likoloi bo boemong ba machaba.

A re bohle ba sebeletsang sebakeng seo, ba tla tsoelapele ka t’sebetso sebakeng sa nakoana se hloauoeng Upper Moyeni.

A re libaka tse lokiselitsoeng ho sebelisoa ke ba amehang, ke sebaka se haufi le Poso ha se seng se le haufi le moo ho koalloang liphoofolo, moo ho tsebahalang ka hore ke ‘sekete’.

Fokotsane a re, bohle ba amehang ba lebelletsoe ho tloha boemelong ba likoloi bo Lower Moyeni ho ea Upper Moyeni, nakong ea matsatsi a 10 a ts’ebetso ho qala maoba, ‘me a re, ba tla khutlela Lower Moyeni kamora hore t’sebetso e phetheloe.

24 Nov 24