Mahokela a Leribe a t’soareloa pitso mabapi le boipoleso ba sechaba nakong ea phomolo ea keresemese.

Molula Setulo oa mahokela a setereke sa Leribe monghali Bereng Makotoko o re, e le ho lokisetsa matsatsi a phomolo ea keresemese, ba hlophile pitso mabapi le boipoleso ba sechaba, e tla ts’oareloa Ha Malesaoana Hlotse ka la 10 khoeling ena

Mong Makotoko ore, sepheo sa pitso ena ke ho ea shebisana mekhoa eo ka eona ba tlang ho loants’a tlolo ea molao e jeleng setsi seterekeng seo

A re taba kholo e tla ba ho ea ruta baahi ka melao ea litlolo tsa molao le hore ba tsebe litlamorao tsa ho se tlalehe tlolo ea molao pele e etsahala le ha e se e etsahetse

Ho feta mona o itse, tlolo ea molao e bonahala e haketse kahara bacha bao ho bonahalang e le bona ba tsamaeang le bosiu, eleng se etsang hore ebe mahlatsipa a ka sehlohlolong nakong ena ea matsatsi a phomolo ea keresemese

A qetella ka ho ipiletsa ho sechaba, ho khaotsa ho etsa lerata bosiu kaha sena se sitisa baahi ba bang ho phomola

04/12/24