Motlotlehi Mof. Masenate Mohato Seeiso o ipiletsa ho Basotho ho boloka lerato le khotso le ho khoa litlolong tsa molao.

Sena se hlahisitsoe ke Mof. Mathato Phafoli, lebitsong la Motlotlehi Mofumahali, motsamaong o neng o le khahlanong le polao ea ngoana ea lilemo li hlano eleng Boitelo Motsoko, ea ileng a hlekefetsoa ka motabo a ba a bolaoa ke moahisane oa hae libekeng tse ka bang peli tse fetileng.

Motsamao ona, o neng o hlophisitsoe ke mokhatlo oa Willpowered Women Worldwide Lesotho, o qalile selikalikoeng sa sephethephethe ha Matala ho ea Ha Leqele Maseru, eleng moo setopo sa Boitelo se ileng sa lahleloa teng. O ile oa qetella habo Boitumelo ka thapelo.

Phafoli o bile a re, Motlotlehi Mofumahali o itela ho sechaba sa ha Leqele, ho se nts’etse khalefo ea bona lelapeng la mmelaelloa a r,e ha hona motsoali ea ka batlang ngoana hae ebe setloli sa molao empa, ka nako e ngoe, bana ba ikhethela tsela esele.

Ho sa le joalo, moahi e mong oa Ha Leqele ea sa ratang ho hlahella o re, ho bohloko hore ebe mali a senang molato a ts’ollotsoe a re, ba se ba ts’ohetse bana ba bona kaha ho totobetse hore, naha e jele boea.

LITABENG TSE LING…

Sepolesa sa Roma se re, lipatlisiso tsa morao-rao polaong ea mosali ea lilemo li 64 oa Khoobeng Roma, li supa a ile a kenngoa ts’epe ka sheshe ka bothong, eleng se bakileng maqeba a kahare, le ho tsoa mali a mangata.

Sena se hlahelletse nakong ea ho hlahlojoa ha setopo maobane, moo ho bileng ha fungoanoa maqeba a mabeli hloohong.

Ho sa le joalo, Morena oa sebaka sena Mong Tanki Nkaleche o re, kobo le mohala oa thekeng tsa mofu Mof. Mapalesa Nkaleche  li fungoanoe hekeng ea hahae ka sontaha li tletse mali.

‘Melaelloa o ile a fungoanoa a se hole le sebaka sa ketsahalo, a bo khile ka likhopo ebile a ntse a thibasela tlasa sefate, ke moo a ileng a amohela molato empa, a bolaoa pele a ka hlahisa mabitso a batho bao a reng ba mo thusitse.

Lipatlisiso tsa sepolesa li tsoela pele

4 December 24